BUKANA YA DIKANO YA KHOMESHENARA
Sepheo sa bukana ena ke ho tataisa marena ka seo ba tla se etsa ha ba sebedisa taolo ya toka hore e fihlellwe haholwanyane ha ba sebetsa e le dikhomeshenara tsa dikano, le hore ba rale mekgwa ya ho sebetsa e ka sebediswang taolong ya kano kapa ya tiisetso, ho etsa phatlalatso e tiileng le ho saenela ditokomane.
B. MARENA E LE BAHLANKA BA MMUSO BA KGOTSO:
Marena ke bahlanka ba mmuso ba kgotso, mme ba na le matla a latelang:
a Matla a ho tshwara ka ntle ho warante: motho, ya tlolang kapa ya leknag ho tlola molao; eo a nahanang hore o balehile kapa o ne a leka ho baleha ha a kwalletswe ka molao; motho ya nang le thepa e utswitsweng ka tlong kapa koloing; motho ya ka fumanwang a e na le thepa eo a ka belaellwang ka botlalo hore e utswitswe kapa e fumanwe ka ho se tshepahale; motho ya ka bonwang bosiu a le maemong a ho mo belaela ka seo a se entseng kapa seo a tla se etsa ka ho tlola molao; motho ya belaellwang a utswitse diruuwa jj. le b Matla a ho sebedisa diwarante tsa ho tshwara motho.
C. MARENA E LE DIKHOMESHENARA TSA DIKANO:
Marena ohle ke bahlanka ba mmuso ba kgotso, mme e eba dikhomeshenara tsa dikano ka lebaka la mosebetsi wa bona. Khomeshenara ya sebedisang matla a hae ke motho eo ka lebaka la mosebetsi wa hae kapa maemo a hae , e se e eba khomeshenara wa dikano. Ha batho ba bang ba tlameha ho ngolla ho Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo hore ba fuwe mosebetsi e le dikhomeshenara tsa dikano, enwa yena ha a tshwanela ho ngolla ho kopa mosebetsi. Ha dikhomeshenara tsa dikano tse fuweng mosebetsi di fuwa disetifikeiti tsa ho sebetsa, khomeshenara wa dikano ya nang le tokelo ya ho sebetsa ha a hloke setifikeiti hobane o na le kantoro kapa maemo ao a leng ho ona.
D. MOSEBETSI WA KHOMESHENARA WA DIKANO:
Khomeshenara ya dikano o sebetsa sebakeng se itseng, mme a ka sebetsa feela moo sebakeng seo a fuweng mosebetsi ho sona. Mosebetsi ya khomeshenara wa dikano ke ho thusa setjhaba sa lehae ka ho laola kano kapa tiisetso kapa ho phatlalatsa tiisetso ya motho ofe kapa ofe. Mosebetsi o mong wa khomeshenara wa dikano ke ho saenela ditokomane hore ke dikgatiso tsa nnete tsa ditokomane tsa sethatho. Ha ho lefuwe ha ho laolwa kano kapa ho tiisa phatlalatso kapa ho saenela tokomane. Khomesehanara ya dikano ha a dumellwa ho laola kano kapa tiiso e mo amang. Lebaka ke hore motho ya netefatsang afidaviti a se ke a sebetsa ka leeme ka se fuperweng afidaviting e le hore ya ikanang a be le bolokolohi a se ke a tshwaetswa ke se ngotsweng afidaviting. Tshebeletso ena ya dikhomeshenara tsa dikano e etsa hore ho se ke ha eba le lebaka la ho eta o eya hole o batla thuso poleseteisheneng kapa ho makgiseterata.
E. WHO KA ETSWANG HA MORENA A SITWA HO BA KHOMESHENARA YA DIKANO:
Ha eba morena, ka lebaka la ho tshwareha mona le mane kapa ka mabaka a itseng, o sitwa ho ba khomeshenara ya dikano, mongodi kapa moetapele setjhabeng ofe kapa ofe ya fuweng matla ke morena e ka ba khomeshenara ya dikano sebakeng seo, ha feela a kgethilwe ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo,
Hore o tle o kgtehwe ke Letona La Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, ho tlamehile hore ho sebetswe tjena:
Diforomo tsa kopo tsa (J5) di ka fumanwa kantorong ya makgiseterata. Foromo ena e na le maqephe a tsheletseng. Maqephe a pele e tsheletseng a tlameha ho tlatswa ke ya kopang, mme maqephe a ho qetela a tlameha ho tlatswa ke makgiseterata eo a tlang ho kgothaletsa ka kopo eo. Ho ya ka tshebetso, ke hore ya kopang o tla buisana le makgiseterata, ho hlophisitswe kopano eo ke Tlelereke ya Lekgotla la Molao. Mabapi le mongodi wa morena kapa moetapele ofe kapa ofe setjhabeng ya fuweng matla ke morena, ho molemo hore ho be le lengolo la kgothaletso le tswang ho morena hore le tla tsamaya le kopo. Makgiseterata o ebe jwale o tla romela foromo ya kopo ha mmoho le lengolo la kgothaletso ho Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
Bahlanka ba Mmuso Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ba tla sebetsa kopo ho fihlela ho ba ho eba le ho kgetha ho etswa ke Motlatsi wa Letona/ Letona kapa baromellwa, bao e yeng e be ba hodimo Lefapheng. Ebe jwale ho romelwa setifikeiti ho makgiseterata ya tla se fa ya kopileng.
F. MOKGWA WA HO LAOLA KANO KAPA TIISETSO:
Motho ya ikanang (motho ya etsang afidaviti) a ka buisana le khomeshenara ya dikano ka afidaviti, hore a ikane kapa a tiisetswe. Khomeshenera ya dikano e tlameha ho botsa ya ikanang dipotso tse latelang:
i Hore na o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa phatlalatso;
ii Hore na ha a batle ho ikana ho ya ka moo ho balletsweng ka teng; le iii Hore na o nahana hore kano e balletsweng ke se mo tlamang/ ke se tlamang maikutlo a hae.
Kano e balletsweng e laolwa ka hore ya ikanang a bue mantswe a latelang: "Ke ikana hore dikahare tsa phatlalatso ena ke a nnete, Modimo a nthuse." Ya ikanang o tla kotjwa hore a phahamise letsoho la hae le letona ha a ikana.
Ha e le hore ya ikanang o utlwisisa dikahare tsa phatlalatso, mme a tsebisa khomeshanara ya dikano hore o hana ho ikana kapa a tsebisa khomeshenara hore ha a amohele kano e a mo tlama/ e tlama maikutlo a hae, khomeshenara ya dikano o tla laola tiisetso.
Tiisetso e laolwa ka ho etsa hore ya ikanang a bue mantswe a letalng "ka nnete ke tiisa hore dikahare tsa phatlalatso ena ke nnete."
Ya ikanang a saene phatlalatso ka pela khomeshenara ya dikano. Mabapi le ya ikanang ya sa tsebeng ho ngola, ya ikanang ya jwalo, a etse letshwao khomeshenara ya dikano a le teng. Ha khomeshenara ya dikano a belaela hore ya ikanang ha a tsebe ho ngola, o tla kopa hore ho se tsebe ho ngola hoo ho saenelwe qetellong ya phatlalatso ke motho e mong ya tshepahalang.
Ka mora ho ba ya ikanang a saene kapa a etse letshwao, khomeshenara ya dikano o tla saena hore ya ikanang o amohetse hore o tseba dikahare tsa phatlalatso le ho di utlwisisa, mme o tla bolela hore o tla bolela MOKGWA, SEBAKA le MOHLA oo a entseng kano ka ona. Khomeshenara ya dikano e tla saena phatlalatso e be e hatise lebitso la hae ka botlalo le aterese ya kgwebo ka tlasa tshaeno ya hae, mme a bontshe maemo a hae le hore o sebetsa kantorong efe. ?Aterese ya Kgwebo? e hlalosa aterese ya moo a leng teng e se ng ya poso.
Ditempe tse seng di le teng di a sebediswa ho thusa dikhomeshenara tsa dikano ho laola kano kapa tiiso ka ntle ho ho dieha.
G. MOKGWA WA HO SAENA DITOKOMANE:
Kgatiso ya tokomane e tlamehang ho saenelwa e le kgatiso ya nnete ya sethataho, mme e bapiswe le tokomane ya sethatho, mme ho hlokomelwe hore ditokomane tse pedi di a tshwana hantlentle. Ha khomeshenara ya dikanao e na le bonnete ba hore kgatiso ke kgatiso ya nnete ya sethatho , mme ha ho a etswa diphetolo tse sa dumellwang, khomeshenara ya dikano a ngole kapa tempele hore saenne hore tokomane ke ya nnete ya sethatho, mme ha ho na moo ho bonahalang hore tokomane ya sethatho e fetotswe ke batho ba sa dumellang. Ka mora moo khomeshenara ya dikano a kgomathisetse tshaeno le ho hatisa lebitso, maemo a mosebetsi, dinomoro tsa ho ka buisana le yena le mohla. Setempe sa malalaalaotswe se teng se ka thusang ka ho saenela ditokomane.
H. DITEBELLO TSA MOLAO:
Ha eba kano kapa tiisetso ha e a etswa ka mokgwa o nepahetseng jwalo ka ha ho balletswe, mme taba eo e iswa kgotla, afidaviti e tla ba ha e sebediswe, mme e ka baka mathata a maholo ao ho tea mohlala, dinyeweng tsa ho tlola molao, ho ka etsahalang hore ya molato a se ke a bonwa molato.
Ha khomeshenara ya dikano a tseba hore motho ya buang o ne a sa batle ho ikana, a se ke a laola kano. Ho na le taba ya moo ya molato a ileng a tshwarwa ho ya ka Molao wa Tshireletso a ileng a, ka mora hore a kwalllwe a le mong a be a hlongwe dipotso ka qobello, ileng a qobellwa ke lepolesa hore a ikane ka pela khomeshenara ya dikano. Lekgotla le ile la qhelela thoko molato ha ho elellwa hore ya bonwang a le molato o ile a qobellwa.1
Ke molato hore o etse taodiso e fosahetseng afidaviting, tiisetsong kapa netefatsong ya phatalalatso, ha feela taodiso eo e fuperwe ka hara tokomane, mme nnete ya teng e ikanetswe ho, e tiiseditswe kapa e phatlaladitswe ka pela motho ya filweng matla ka molao ho laola dikanao kapa ho ikana ho netefatsa phatlalatso.3
ha ho ipiletswa mabapi le ho ba molato lekgotleng la makgiseterata ha ho palame ka lebelo le fetang moedi o sehetsweng, ho ile ha fumanwa hore afidaviti e entsweng ke rasephethephethe ka motjhini o sebedisetswang ho lekanyetsa lebelo, e ne e le sa phethahala hobane khomeshenara ya dikano ha a ka a sebetsa ho ya ka ditlhoko tsa ho laola kano, ka ho:
i hloleha ho saena phatlalatso le ho hatisa lebitso la hae ka botlalo le aterese ya kgwebo ya hae ka tlasa tshaeno ya hae, le ho ii hloleha ho bolela maemo a hae le sebaka seo a sebetsang ho sona ha a kgethwa a le maemong a mosebetsi.
Boipiletso mabapi le ho fumanwa o le molato.3
Khomeshenara wa dikano ya netefatsang diafidaviti, o tlameha hore a sebetse ka ntle ho leeme, le ho ikemela ka hohle ho ya ka kantoro eo a radileng afidaviti ho yona. Moo e leng hore leqwetha le sebetsang ha mmoho le le leng, o sebetsa e le khomeshenara ya dikano a thusa eo a sebetsang le yena, ho ile ha fumaneha hore o hloka boikemelo bo felletseng, mme o ne a e na le kgahleho. Lekgotla le ile la kopa hore afidaviti e netefatswe hape ka pela khomeshenara e tshwanelehang.4
Ha eba ditokomane ha di a saenwa ka nepo hore ke dikgatiso tsa nnete tsa sethatho, khomeshenara ya dikano ya saenneng tokomane a ka iphumana a le nyeweng jwalo ka ya thudsang ya molato wa ho thusa motho e mong ho etsa bobodu kapa e le paki e pakang ka ditokomane tse fosahetseng.
Ditempe tsa malalaalaotswe tse tla sebediswa ke morena e le khomeshenara ya dikano, le enke e tla hlokwa, di ke ke tsa fanwa ke Mmuso. Tsena di tlameha ho fumanwa ke morena ka tefello ya hae.
Tse ngotsweng tlase: ;
J. DITEMPE
Taolo ya kano kapa tiisetso:
Ke ikana hore pele ke ikana/ke tiisa, ke botsitse ya ikanang dipotso tse latelang, mme ka ngola dikarabo tsa hae a le teng:
Na o tseba dikahare tsa phatlalatso le ho di utlwisisa? KARABO:...,...
Na ha o batle ho nka kano e balletsweng? KARABO:...
Na o bona kano e balletsweng e le e tlamang maikutlong a hao? KARABO:...
Na o batla ho etsa tiisetso?
KARABO:... , ...
Ke ikana hore ya ikanang o amohetse hore o tseba le ho utIwisisa dikahare tsa phatlalatso ena, e ileng ya ikanelwa / tiisetswa ke le teng, mme tshaeno ya ikanang/ monwana o motona/ letshwao le ileng la bewa ke le teng.
Maemo (renke) ... mosebetsing o itseng: REPHABOLIKI YA
AFRIKA BORWA
Mohla ...
Sebaka ...
Aterese ya Kgwebo ...
Tshaeno ya Ditokomane:
E SAENNWE E LE KGATISO YA NNETE YA TOKOMANE YA SETHATHO. HA HO NA DITSHUPISO TSA HORE TOKOMANE YA SETHATHO E FETOTSWE KE BATHO BA SA TSHWANELANG KA MOLAO.
Maemo (renke) ... mosebetsing o itseng: Rephaboliki ya Afrika Borwa Mohla...
Sebaka ...
Aterese ya Kgwebo...
K. DIPEHELO TSE THUSANG
i Maemo a mosebetsi a marena e le dikhomeshenara tse mosebetsing tsa dikano: Tsebiso ya mmuso ya No. R. 1180 ya mohla 17 Pudungwana 2000.
ii Kgetho ya khomeshenara ya dikano: Karolo ya 51 ya Molao wa Ditoka tsa Kgotso le Khomeshenara ya Dikano, wa 1963 Molao wa No. ya 16 ya 1963.
Maemo a mosebetsi a mosebetsi wa dikhomeshenara tsa dikano: Dikarolo tsa 6 tsa Molao wa Ditoka tsa Kgotso le Dikhomeshenara tsa Dikano, wa 1963 (Molao wa No. 16 wa 1963).
iv Lenane la dikhomeshenara tsa dikano tse sebetsang: Tsebiso ya Mmuso ya No. R. 903 ya 10 Phupjane 1998.
v Lenane la Bahlanka nba Mmuso ba Kgotso: Tsebiso ya Mmuso ya No. R. 159 ya 2 Hlakola 1979.
vi Phatlalatso ya batho ba itseng e le Bahlanka ba Mmuso ba Kgotso: Karolo ya 334 Molao wa Tsamaiso ya Bosenyi, ya 1977 Molao wa No. 51 wa1977.
vii Ho tshwarwa ke mphlanka wa mmuso wa kgotso ka ntle ho warante: Karolo ya 40 ya Molao wa Tsamaiso ya Bosenyi, 1977 Molao wa No. 51 wa 1977.
viii Phethiso ya diwarante tsa bahlanka ba kgotso: Karolo ya 44 ya Molao wa Tsamaiso ya Bosenyi, ya 1977 Molao wa No. 51 wa 1977.
L. DITOKOMANE TSE HLOMATHISITSWENG (DIHLOMATHISWA)
DIKGATISO TSA DITOKOMANE TSE LATELANG DI KGOMATHISEDITSWE MABAPI LE HO KA BALWA HAPE:
i MAEMO A MOSEBETSI A MARENA E LE BATHO BA SEBETSANG
KHOMESHENARA YA DIKANO: TSEBISO YA MMUSO YA NO. R. 1180 MOHLA 17 PUDUNGWANA 2000.
ii MOLAO WA DITOKELO TSA KGOTSO LE KHOMESHENARA YA DIKANO, 1963 MOLAO WA NO. 16 WA 1963;
iii KAROLO YA 334 YA MOLAO WA TSMAISO YA BOSENYI, 1977 MOLAO WA NO. 51 YA 1977;
v TSEBISO YA MMUSO NO. R. 903 YA 10 PHUPJANE 1998;
vi MELAWANA E TSAMAISANG TAOLO YA KANO KAPA TIISETSO TSEBISO YA MMUSO YA NO. R. 1258 YA 21 PHUPJANE 1972;
vii) KAROLO YA 40 MOLAO WA TSAMAISO YA BOSENYI, WA 1977 (MOLAO WA
NO. 51 WA 1977; LE
viii) KAROLO YA 44 YA MOLAO WA TSAMAISO YA BOSENYI, WA 1977 (MOLAO WA
NO. 51 WA 1977
